Welcome To The Mountain Kingdom

+266 8001 0100

POLELO EA MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO, DR MOEKETSI MAJORO MABAPI LE KENTELO EA COVID-19 LIBAKENG TSA TŠEBETSO ‘MOHO LE LIHLAHLOBO MALIBOHONG.

[Litumeliso]
Sechaba ba heso, ke hlaha ho lona mantsibueng a kajeno ho tla le qhatsetsa lintho tse peli, e leng boemo ba litšoaetso tsa kokoana-hloko ea Corona le kentelo ea teng, ekasita le mokhoa o mocha oa lihlahlobo malibohong.


Boemo ba Litšoaetso le Kentelo ea Covid-19


Basotho ba heso, boemo ba litšoaetso tsa kokoana-hloko ea Covid-19 naheng ea rona bo nyolohile haholo matsatsing ana. Litšoaetso li nyolohetse ho 2,654 ho tloha ho 48 libekeng tse ‘ne tse fetileng. Ha re e sheba ka mokhoa o mong, sekhahla sa litšoaetso se nyolohetse ho 9% ho tloha ho 0.9%, e leng hore litšoaetso li imenahantse ha leshome ho tloha mafelong a khoeli a Pulungoana.

Leha litšoaetso li nyolohile ha kana, bokulo le mafu tsona li bonahala li fokola.
Sekhahla sa bakuli ba kenang le ho sebelisa libethe litsing tsa bophelo ha sea fetoha hakalo (5% to 6%). Kentelo ea kokoana-hloko ena e nyolohetse ho batho ba likete tse makholo a robeli le mashome a mararo (830,128), e leng 42% ea Sechaba sohle sa Basotho kapa kaholimonyana ho halofo ea lenane leo Lekala la Bophelo le rerileng hore le tla entoa (Batho ba 1.6 million, 52%). Hosale-joalo, re se re entile bana be liketse li peli le makholo a mahlano (2,500) ba lilemo tse leshome le metso e ‘meli ho isa ho tse leshome le metso e supileng.

Share:

Recent Posts

Follow Us